Dipesalema 119:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Ho lehlohonoloba metsamao e se nang kodi,ba tsamayang ka Molao wa Morena.

2. Ho lehlohonoloba latelang ditemoso tsa hae,ba mmatlangka pelo tsohle tsa bona;

3. ba sa etseng tse sa lokang,ba mpang ba tsamayaditseleng tsa hae.

4. O re neile ditaelo tsa hao,hore re di boloke ka ho tlala.

5. Eka nka tiya metsamaong ya ka,ka phetha thato ya hao.

6. Nke ke ka hlajwa ke dihlong,ha ke hlokomela melao yohle ya hao.

7. Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng,ha ke se ke ithutiledikahlolo tsa hao tse lokileng.

8. Ke tla phetha thato ya hao,o se ke wa ntahlela ruri.

9. Mohlankana a ka hlwekisametsamao ya hae jwang?Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.

10. Ke o batla ka pelo ya ka yohle;se ntumelle ho kgeloha,ho kgeloha melao ya hao.

Dipesalema 119