Dipesalema 115:6-18 BIBELE (SSO89SO)

6. E na le ditsebe, empa ha e utlwe;e na le dinko, empa ha e fofonele.

7. E na le matsoho, empa ha e tshware;e na le maoto, empa ha e tsamaye;ha ho modumoo tswang qoqothong tsa yona.

8. Ba e etsangba ke ba tshwane le yona,ba be jwalo bohle ba e tshepang.

9. Lona ba ntlo ya Iseraele,tshepang Morena:Ke yena thuso le thebe ya lona.

10. Lona ba ntlo ya Arone,tshepang Morena:Ke yena thuso le thebe ya lona.

11. Lona ba tshabang Morena,tshepang Morena:Ke yena thuso le thebe ya lona.

12. Morena o ntsa re hopotse,o tla re hlohonolofatsa;a hlohonolofatseba ntlo ya Iseraele,a hlohonolofatseba ntlo ya Arone,

13. a hlohonolofatse bohle,bohle ba tshabang Morena,ba banyenyane mmoho le ba baholo.

14. Morena a ke a le ngatafatse,lona le bana ba lona.

15. Morena a ke a le hlohonolofatse,yena ya entseng mahodimo,a etsa le lefatshe.

16. Mahodimo ke mahodimo a Morena,lefatshe lonao le neile bana ba batho.

17. Hase bafu ba ka rorisang Morena,leha e le ba theohetseng lebitleng.

18. Empa ke rona ba phelangba ka bokang Morena,ho tloha jwale le kamehla yohle.Haleluja!

Dipesalema 115