1. O se ke wa re nea tlotla, Morena,o se ke wa e nea rona,o mpe o e nee lebitso la hao,ka baka la mohau wa haole botshepehi ba hao.
2. Keng ha baditjhaba ba ka re:“O kae Modimo wa bona?”
3. Modimo wa rona o mahodimong,o etsa tsohle tse mo kgahlang.
4. Medimo ya bonake ya silefera le ya kgauta,ke mosebetsi wa matsoho a batho.
5. E na le melomo, empa ha e bue;e na le mahlo, empa ha e bone.
6. E na le ditsebe, empa ha e utlwe;e na le dinko, empa ha e fofonele.
7. E na le matsoho, empa ha e tshware;e na le maoto, empa ha e tsamaye;ha ho modumoo tswang qoqothong tsa yona.
8. Ba e etsangba ke ba tshwane le yona,ba be jwalo bohle ba e tshepang.
9. Lona ba ntlo ya Iseraele,tshepang Morena:Ke yena thuso le thebe ya lona.
10. Lona ba ntlo ya Arone,tshepang Morena:Ke yena thuso le thebe ya lona.