Dipesalema 109:3-10 BIBELE (SSO89SO)

3. ba nteela hare ka dipuo tsa lehloyo,ba mphutuhela ntle ho lebaka.

4. Ba mpuseletsa lerato la ka,ba mpuseletsa lona ka ho nqosa,leha ke ntse ke ba rapella.

5. Ba mputsa ka bobe bakeng sa botle,le lehloyo bakeng sa lerato.

6. Ako bee ya kgopoho ahlola motho eo,moqosi wa hae a nne a emeka hlakoreng la hae le letona.

7. Ha a ahlolwaa ke a fumanwe a le molato,thapedi ya hae e nkuwe e le sebe.

8. Ditshiu tsa hae di ke di kgutsufale,e mong a ke a nkemosebetsi wa hae.

9. Bana ba hae e ke be dikgutsana,le mosadi wa hae e be mohlolohadi.

10. Bana ba hae ba lelere,e be mekopakopa,ba lelekwe thakong tsa habo bona.

Dipesalema 109