Dipesalema 109:15-20 BIBELE (SSO89SO)

15. Morena a nne a di hopole kamehla,a ba hlakole lefatsheng,hore ba se hlole ba hopolwa.

16. Motho eo ha a a ka a hopola,a hopola ho ba mohau,empa a hlorisa mohlophehi,a hlorisa le mofutsana,a tle a bolaye ya tepeletseng pelo.

17. A rata ho rohakana:Thohako e ke be hodima hae!Ha a ka a thabela tlhohonolofatso:E ke be hole le yena!

18. A apara thohako jwaloka kobo:E ke e monyele mmeleng wa hae,e monyele jwaloka metsi,le masapong a hae jwaloka ole.

19. E ke be jwaloka seaparoseo a ipopileng ka sona,e be jwaloka leqhamaleo a itlamileng ka lona kamehla.

20. Morena a ke a putsebaqosi ba ka jwalo,batho bana ba mpuang hampe.

Dipesalema 109