Dipesalema 107:36-43 BIBELE (SSO89SO)

36. Ba lapileng a ba ahisa ho yona,ba thea motse ooba ka ahang ho wona.

37. Ba jala masimong,ba lema morara,kotulo ya eba kgolo.

38. A ba hlohonolofatsa,ba ngatafala haholo,a ba atisetsa leruo la diphoofolo.

39. Empa jwale ba qepha,ba kokobetswa,ka baka la ho imelwake ditsietsi le mahlomola.

40. A theolela nyediso ho mahosana,a a sollisa lehwatatengmoo ho seng tsela.

41. Empa a ntsha mafutsanabohlophehing ba wona,a atisa malapa a wonajwaloka mohlape.

42. Ba pelo di ntle ba bona hoo,mme ba thaba,empa ba kgopo bonaba thijwa melomo.

43. Mang le mang ya bohlalea ke a ele tsena hloko,a ke a utlwisise ketso tsa mohau,mohau wa Morena.

Dipesalema 107