Dipesalema 107:34-41 BIBELE (SSO89SO)

34. Mobu o nonnenga o fetola lenyekethe,ka baka la bokgopoba baahi ba teng.

35. Lehwatata a le fetola letsha la metsi,naha e tshehla a e fetola didiba.

36. Ba lapileng a ba ahisa ho yona,ba thea motse ooba ka ahang ho wona.

37. Ba jala masimong,ba lema morara,kotulo ya eba kgolo.

38. A ba hlohonolofatsa,ba ngatafala haholo,a ba atisetsa leruo la diphoofolo.

39. Empa jwale ba qepha,ba kokobetswa,ka baka la ho imelwake ditsietsi le mahlomola.

40. A theolela nyediso ho mahosana,a a sollisa lehwatatengmoo ho seng tsela.

41. Empa a ntsha mafutsanabohlophehing ba wona,a atisa malapa a wonajwaloka mohlape.

Dipesalema 107