42. Dira tsa bona tsa ba hatella,ba ba katlasa taolo ya tsona.
43. A nna a ba lopollaka makgetlokgetlo,ba mpa ba ikgethela ho mo tella,ba tetebela bokgopong ba bona.
44. Jwale a tadima ho tshwenyehaha bona, ha a utlwa sello sa bona.
45. A hopola selekane sa hae le bona,a ba hauhelaka baka la rato la hae le leholo.
46. A etsa hore bohleba neng ba ba isitse bothopuwengba ba utlwele bohloko.
47. Morena Modimo wa rona,ako re pholose;o re phuthe, o re ntshe ditjhabeng,re tle re boke lebitso la hao,lebitso la hao le halalelang,re o rorise re le motlotlo.