17. Lefatshe la ahlama,la metsa Datane,la kwenya sehlopha sa Abirame.
18. Mollo wa tukahara sehlopha sa bona,malakabe a wonaa tjhesa bao ba kgopo.
19. Ha ba le Horebe,ba ipopela namane,ba kgumamela setshwantshose bopilweng ka kgauta.
20. Ba lahla tlotla ya Modimo,ba tlotlisa setshwantsho sa pohwana,ntho e jang jwang.
21. Ba lebala Modimo,mopholosi wa bona,ya entseng tse kgolo Egepeta,
22. dimakatso naheng ya Kama,le tse tshosang Lewatleng la Sufe.
23. Yaba o re o a ba fedisa,empa Moshe, mokgethwa wa hae,a kena dipakeng,a phoka bohale ba haehore bo se ba timetse.
24. Ba nyedisa naha e kgahlehang,hobane ba ne ba sa kgolwe,ba sa kgolwe ditshepiso tsa hae.
25. Ba dumadumaba le ditenteng tsa bona,ba se ke ba mamelalentswe la Morena.
26. A phahamisa letsoho,a ba hlapanyetsahore o tla ba bolaela lehwatateng,
27. a qhalanye tloholo tsa bona,a di qhalanyetse hara ditjhaba,a di qhalanyetse dinaheng.