Dipesalema 106:13-22 BIBELE (SSO89SO)

13. Empa ba phakisa ho lebala,ho lebala diketso tsa hae,ba tlohela ho batla keletso ho yena.

14. Ba mpa ba laolwake ditakatso tsa bona lefeelleng,ba leka Modimo ba le lehwatateng.

15. A ba nea seo ba neng ba se kopa,A ba nea seo ba neng ba se kopa,athe o tla ba neellaka lefu le ba timetsang.

16. Ba honohela Moshe ba le diahelong,le yena Arone,mohalaledi wa Modimo.

17. Lefatshe la ahlama,la metsa Datane,la kwenya sehlopha sa Abirame.

18. Mollo wa tukahara sehlopha sa bona,malakabe a wonaa tjhesa bao ba kgopo.

19. Ha ba le Horebe,ba ipopela namane,ba kgumamela setshwantshose bopilweng ka kgauta.

20. Ba lahla tlotla ya Modimo,ba tlotlisa setshwantsho sa pohwana,ntho e jang jwang.

21. Ba lebala Modimo,mopholosi wa bona,ya entseng tse kgolo Egepeta,

22. dimakatso naheng ya Kama,le tse tshosang Lewatleng la Sufe.

Dipesalema 106