3. Ithoriseng ka lebitso la hae,lebitso la hae le halalelang,pelo tsa ba batlang Morenadi ke di thabe.
4. Batlang Morena le matla a hae;le nne le batle fahleho sa hae,le se batle kamehla le mehla.
5. Hopolang dimakatso tsa haetseo a di entseng,mehlolo ya hae,le dikahlolo tseo a di boletseng,
6. lona ba leloko la Aborahama,mohlanka wa hae,lona bana ba Jakobo,bao a ikgethetseng bona.
7. Morena ke yena Modimo wa rona,ke yena ya ahlolang lefatshe lohle.
8. Ha a lebale selekane sa haele ka mohla,tshepiso eo a e entseng,a e etsetsa meloko e sekete;
9. selekane seo a se entseng,a se etsa le Aborahama,le kano eo a e entseng,a e etsetsa Isaka,
10. hore e be molao o tiileng ho Jakobo,le lekane sa kamehla yohleho Iseraele,