Dipesalema 105:29-44 BIBELE (SSO89SO)

29. Metsi a naha ya bonaa a fetola madi,a bolaya le ditlhapi tse ho wona.

30. Naha ya bonaya nyeunya dihohwana,esita le ka matlunga dikgosi tsa bona.

31. A laela, ha hlaha diboba,le menwang, naheng yohle ya bona.

32. Bakeng sa pula a ba nesetsa sefako,mollo wa lehadimawa wela naha ya bona.

33. A senya morara wa bona le feiye,a roba difate tsa naha ya bona.

34. A laela, ha hlaha ditsie,le bookgolane bo se nang palo.

35. Tsa kumola jwang bohleba naha ya bona,tsa kokona tsohletse behwang ke naha.

36. A bolaya matsibolo wohlea naha ya bona,bana ba bona ba matswathaka.

37. A ntsha Baiseraele ba kakatetse,ba kakatetse silefera le kgauta,ho se ya tsiapanenghara meloko ya bona.

38. Egepeta ya thabela ho falla ha bona,hobane e ne e tshohile haholo.

39. A phuphuthisa leru, la ba kwahela;mollo wa ba bonesetsa bosiu.

40. Ba kopa,yaba o ba tlisetsa dikwekwe;a ba kgorisa ka bohobebo tswang mahodimong.

41. A petsola lefika, metsi a phorosela;a phalla dibataolong eka ke noka.

42. Ke hobane o ne a hopotse tshepiso,tshepiso ya hae e halalelang,ho Aborahama, mohlanka wa hae.

43. A ntsha setjhaba sa hae ka nyakallo,bakgethwa ba haeka ditlatse tsa thabo.

44. Yaba o ba nea naha tsa baditjhaba,ba ja lefa la mofufutsowa merabe eo,

Dipesalema 105