14. Modimo ha a a ka a dumela,a dumella motho hore a ba tube,mme ka baka la bonaa kgalema dikgosi, a re:
15. “Le se ke la amabatlotsuwa ba ka,le se ke la etsabaporofeta ba ka hampe.”
16. Jwale a dihela tlala lefatsheng,dijo tsohle tse ba phedisanga di fedisa;
17. yaba o romela monna e le selelekela:Josefa a rekiswa ho ba lekgoba.
18. Ba mo hlokofatsaka ho mo tlama maoto ka ditshepe,ba mmofa ka mahlaahlela,
19. ho fihlela se etsahala,seo a se boletseng e sa le pele,mme a pakwake lentswe la Modimo.
20. Kgosi ya laela hore a tlamollwe,mmusi wa ditjhaba a mo lokolla.
21. Ya mo etsa mookamediwa lelapa la yona,le mmusi wa tsohletseo e di ruileng,
22. a tle a rute mahosanaho ya ka thato ya hae,a hlalefise baholoba setjhaba sa yona.
23. Yaba Iseraele o fallela Egepeta,Jakobo a jaka naheng ya Kama.
24. Modimo a ngatafatsa setjhaba sa hae,a se ngatafatsa haholo,a se matlafatsa ho feta dira tsa sona.
25. A fetola pelo tsa tsona,tsa hloya tjhaba sa hae,tsa sebetsa bahlanka ba haeka bolotsana.
26. A romela Moshe, mohlanka wa hae,le Arone eo a mo kgethileng.
27. A etsa dipontsho tsa hae ka bona,le dimakatso tsa haenaheng ya Kama.