4. Ke yena ya o lopollang lebitleng,ke yena ya o qhakang ka mohau,ya o qhakang le ka lerato.
5. Ke yena ya o fepang tse molemobophelong bohle ba hao,hore o boele o ntjhafale,o ntjhafale jwaloka ntsu.
6. Morena o sebetsa ka ho loka,o ahlolela bohle ba hateletsweng.
7. O ne a tsebise Moshe ditsela tsa hae,a bontsha bana ba Iseraelediketso tsa hae tse kgolo.
8. Morena o na le kutlwelobohloko,Morena o mosa;o dieha ho halefa, o tletse mohau.
9. Ha a re tsekise hoyahoile;ha a re jare ka pelo kamehla yohle.
10. Ha a re otleho ya ka dibe tsa rona,ha a re putseho ya ka melato ya rona.
11. Jwalokaha mahodimoa phahametse lefatshe,le mohau wa Modimo o moholo,o moholo hakaalo ho ba mo tshabang.
12. Jwalokaha botjhabelabo le hole le bophirimela,le ditlolo tsa rona o a di suthisa,o di suthisetsa hole le yena hakaalo.
13. Jwalokaha ntata banaa ba utlwela bohloko,ka mokgwa o jwalo le Morenao utlwela ba mo tshabang bohloko.
14. Ke hobane yena o tsebaseo re bopilweng ka sona,ha a lebale hore re lerole feela.
15. Ditshiu tsa mothodi tshwana le tsa jwang;o tlokoma jwaloka palesa ya naha;
16. ha moya o foka hodima yonae a fela,ebe ditulo tsa yonadi sala di le feela.