Dipesalema 103:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida.Boka Morena, wena moya wa ka;botho bohle ba kabo boke bitso la hae le halalelang.

2. Boka Morena, wena moya wa ka;o se ke wa lebalamelemo yohle ya hae.

3. Ke yena ya o tshwarelangmelato ya hao kaofela,ke yena ya o fodisangmahlokong a hao kaofela.

4. Ke yena ya o lopollang lebitleng,ke yena ya o qhakang ka mohau,ya o qhakang le ka lerato.

5. Ke yena ya o fepang tse molemobophelong bohle ba hao,hore o boele o ntjhafale,o ntjhafale jwaloka ntsu.

6. Morena o sebetsa ka ho loka,o ahlolela bohle ba hateletsweng.

Dipesalema 103