6. Ka baka la ho fehelwa haholo,nama ya ka e maname,e maname masapong a ka.
7. Ke tshwana le letata la lehwatata,ke tshwana le sephooko sa dithako.
8. Ke a hlobaela, mme ke a fehelwa,ke ka nonyana e dutseng e inotshi,e dutseng hodima sehlohlolo.
9. Dira tsa ka di ntlaka kamehla,ba nkgalefetsengba nyefola lebitso la ka.
10. Ke ja molora jwaloka bohobe,seno sa ka se tswakana le meokgo,
11. ka baka la bohalele kgalefo ya hao;hobane o ile wa mphamola,wa nto ntabanya!
12. Ditshiu tsa kadi tshwana le meriti e theang,ke omella jwaloka jwang.
13. Empa wena Morena,o rena kamehla yohle,o tla hopolwa ke meloko yohle.
14. Ako tsohe, o utlwele Sione bohloko;ke nako jwale ya ho e hauhela,motsotso o fihlile.
15. Bahlanka ba haoba kgahlwa ke majwe a yona,ba qenehela le lerole la yona.
16. Baditjhaba ba tla hlompha,ba hlomphe lebitso la Morena,le dikgosi tsohle tsa lefatshedi tla hlompha tlotla ya hao.
17. Ha Morena a tsosa marako a Sione,o tla bonahatsa tlotla ya hae,a e bonahatse ho yona.
18. O tla mamela thapeloya ba itlhophereng;thapelo eo ya bonaa ke ke a e kgesa.
19. Tsena di ke di ngollwe moloko,moloko o tlang,hore tjhaba se tla tswalwase tle se rorise Morena.