Dipesalema 102:4-10 BIBELE (SSO89SO)

4. Ditshiu tsa ka di fela jwaloka mosi,masapo a ka a tjha sa patsi mollong.

5. Ke otlilwe,pelo ya ka e ka jwang bo omeletseng,ke se ke lebala le ho ja.

6. Ka baka la ho fehelwa haholo,nama ya ka e maname,e maname masapong a ka.

7. Ke tshwana le letata la lehwatata,ke tshwana le sephooko sa dithako.

8. Ke a hlobaela, mme ke a fehelwa,ke ka nonyana e dutseng e inotshi,e dutseng hodima sehlohlolo.

9. Dira tsa ka di ntlaka kamehla,ba nkgalefetsengba nyefola lebitso la ka.

10. Ke ja molora jwaloka bohobe,seno sa ka se tswakana le meokgo,

Dipesalema 102