22. Jwale lebitso la Morenale tla bolelwa Sione,dithoko tsa hae Jerusalema,
23. ha ditjhaba tsohledi phuthehile mmoho,di ena le mebuso ya tsona,ho sebeletsa Morena.
24. O mphokodisitse ke sa le motjha,a kgutsufatsa ditshiu tsa ka.
25. Ka ba ka re: “Modimo wa ka,o se ke wa ntlosa lefatshengke sa le mahareng a bophelo ba ka.Wena dilemo tsa haodi akaretsa meloko yohle.
26. O ne o thee lefatshe kgalekgale,mahodimo ke mosebetsiwa diatla tsa hao.
27. Tsena di tla timela,empa wena o tla sala;tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo,o tla di lahla jwaloka seaparo,mme di tla nyamela.
28. Empa wena haesale e le wena,dilemo tsa hao di ke ke tsa fela.
29. Bana ba bahlanka ba haoba tla ba le leaho le tiileng,mme ditloholo tsa bonadi tla nne di be teng pela hao.”