Dipesalema 102:16-24 BIBELE (SSO89SO)

16. Baditjhaba ba tla hlompha,ba hlomphe lebitso la Morena,le dikgosi tsohle tsa lefatshedi tla hlompha tlotla ya hao.

17. Ha Morena a tsosa marako a Sione,o tla bonahatsa tlotla ya hae,a e bonahatse ho yona.

18. O tla mamela thapeloya ba itlhophereng;thapelo eo ya bonaa ke ke a e kgesa.

19. Tsena di ke di ngollwe moloko,moloko o tlang,hore tjhaba se tla tswalwase tle se rorise Morena.

20. Morena o shebile fatshea le sehalalelong sa hae se hodimo;o tadimile lefatshe a le mahodimong.

21. hore a utlwe mefehelo,mefehelo ya batshwaruwa,a lokolle ba ahloletsweng lefu.

22. Jwale lebitso la Morenale tla bolelwa Sione,dithoko tsa hae Jerusalema,

23. ha ditjhaba tsohledi phuthehile mmoho,di ena le mebuso ya tsona,ho sebeletsa Morena.

24. O mphokodisitse ke sa le motjha,a kgutsufatsa ditshiu tsa ka.

Dipesalema 102