1. Thapelo ya motho ya tsietsing, ya imetsweng, ya hlahisang sello sa hae kapele ho Morena.
2. Morena, ako utlwe thapelo ya ka;sello sa ka se ke se fihle ho wena.
3. Ha ke le matshwenyehongo se ke wa mpatela fahleho sa hao;ako ntshekehele tsebe,ha ke ipiletsa ho wena,o ke o nkarabe kapele.
4. Ditshiu tsa ka di fela jwaloka mosi,masapo a ka a tjha sa patsi mollong.