Dipalo 9:8-15 BIBELE (SSO89SO)

8. Moshe a re ho bona: “Nkemeleng, nke ke utlwe seo Morena a tla ntaela sona malebana le lona.”

9. Morena a bua ho Moshe, a re:

10. “Bolella bana ba Iseraele, o re: <Haeba motho ofe kapa ofe wa lona, kapa wa leloko la lona, a ena le sesila ka baka la setopo sa motho; kapa eba o leetong, holehole, o tla nne a etsetse Morena mokete wa Paseka.

11. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka phirimana, ba tla etsa mokete wa Paseka, ba je le bohobe bo sa lomoswang, le moroho o babang.

12. Ba se ke ba itshiela letho bakeng sa hosasane, ho se be le lesapo le rojwang. Ba tla o etsa ho ya ka melao yohle ya mokete wa Paseka.

13. Empa ha motho a hlwekile, a bile a se leetong, feela a sa etse mokete wa Paseka, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane ha a a ka a etsetsa Morena mokete wa Paseka ka nako ya wona. Motho eo a tla jara sebe seo sa hae.

14. “ <Ha mojaki ya jakileng hara lona a rata ho etsetsa Morena mokete wa Paseka, o tla o etsa ho ya ka taelo ya wona le ka molao wa wona; a o etse jwalo. Le tla ba le molao o le mong bakeng sa mojaki le bakeng sa letswallwa la naha.> ”

15. Ka letsatsi leo ba neng ba hloma Tente ya Morena ka lona, leru la e kgurumetsa. Ka phirimana leru lena le ne le ye le ke kganare ya mollo hodima Tente ya Morena, ho fihlela hoseng.

Dipalo 9