5. Ka letsatsi la leshome le metso e mene, la kgwedi ya pele, ka phirimana, bana ba Iseraele ba etsa mokete wa Paseka ba le lehwatateng la Sinai. Bana ba Iseraele ba etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.
6. Ho ne ho le teng banna ba bang, ba neng ba ena le sesila ka baka la ho ama setopo sa motho e mong, ba ileng ba sitwa ho etsa mokete wa Paseka ka letsatsi leo. Yaba ba tla kapele ho Moshe le ho Arone ka lona letsatsi leo.
7. Banna bao ba re ho Moshe: “Re sesila ka baka la setopo sa motho e mong; ke ka baka lang re sa dumellweng ho etsa nyehelo ya Morena, ka nako ya yona, mmoho le bana ba Iseraele?”
8. Moshe a re ho bona: “Nkemeleng, nke ke utlwe seo Morena a tla ntaela sona malebana le lona.”
9. Morena a bua ho Moshe, a re:
10. “Bolella bana ba Iseraele, o re: <Haeba motho ofe kapa ofe wa lona, kapa wa leloko la lona, a ena le sesila ka baka la setopo sa motho; kapa eba o leetong, holehole, o tla nne a etsetse Morena mokete wa Paseka.
11. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka phirimana, ba tla etsa mokete wa Paseka, ba je le bohobe bo sa lomoswang, le moroho o babang.
12. Ba se ke ba itshiela letho bakeng sa hosasane, ho se be le lesapo le rojwang. Ba tla o etsa ho ya ka melao yohle ya mokete wa Paseka.
13. Empa ha motho a hlwekile, a bile a se leetong, feela a sa etse mokete wa Paseka, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane ha a a ka a etsetsa Morena mokete wa Paseka ka nako ya wona. Motho eo a tla jara sebe seo sa hae.
14. “ <Ha mojaki ya jakileng hara lona a rata ho etsetsa Morena mokete wa Paseka, o tla o etsa ho ya ka taelo ya wona le ka molao wa wona; a o etse jwalo. Le tla ba le molao o le mong bakeng sa mojaki le bakeng sa letswallwa la naha.> ”