1. Ka kgwedi ya pele, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, Morena a bua ho Moshe a le lehwatateng la Sinai, a re:
2. “Bana ba Iseraele ba tla etsa mokete wa Paseka ka nako ya wona.
3. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la yona kgwedi ena, ka phirimana, le tla etsa mokete wa Paseka ka nako ya wona. Le tla o etsa ho ya ka melao yohle ya wona, le ho ya ka ditaelo tsohle tsa wona.”
4. Moshe a bolella bana ba Iseraele hore ba etse mokete wa Paseka.
5. Ka letsatsi la leshome le metso e mene, la kgwedi ya pele, ka phirimana, bana ba Iseraele ba etsa mokete wa Paseka ba le lehwatateng la Sinai. Bana ba Iseraele ba etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.
6. Ho ne ho le teng banna ba bang, ba neng ba ena le sesila ka baka la ho ama setopo sa motho e mong, ba ileng ba sitwa ho etsa mokete wa Paseka ka letsatsi leo. Yaba ba tla kapele ho Moshe le ho Arone ka lona letsatsi leo.