Dipalo 8:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. Sedulwana se ne se entswe ka kgauta e thutsweng; ho tloha lenonong la sona ho isa dipaleseng tsa sona, e ne e le ntho e le nngwe, e le mosebetsi o thutsweng, ho ya ka setshwantsho seo Morena a neng a se bontshitse Moshe.

5. Morena a bua ho Moshe, a re:

6. “Ntsha Balevi kahara bana ba Iseraele, o ba hlwekise.

7. Ha o ba hlwekisa, o ba etse tjena: O ba foke ka metsi a tlhwekiso, ba ipeole mmele wohle ka lehare, ba hlatswe diaparo tsa bona, ba itlhwekise.

8. Ba nke pohwana le nyehelo ya yona ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; ebe le wena o nka pohwana e nngwe ya nyehelo e tlosang sebe.

9. O tlise Balevi kapele ho Tente ya Morena, ebe o bokanya setjhaba sohle sa bana ba Iseraele.

10. Jwale o tlise Balevi kapele ho Morena, mme bana ba Iseraele ba bee matsoho a bona hodima Balevi.

11. Arone a nyehele ka Balevi kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, e tswang ho bana ba Iseraele, hore Balevi ba tle ba sebeletse Morena.

12. “Balevi ba bee matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana, ebe wena o nyehela ka pohwana e nngwe ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe, mme e nngwe e le nyehelo ya setjheso ya ho etsetsa Balevi tefelo ya sebe.

13. O emise Balevi kapele ho Arone le bara ba hae, o nyehele ka bona ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.

14. Ka mokgwa o jwalo o tla kgetha Balevi ho bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka.

15. Kamora moo, Balevi, ba tla kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa. O tla ba hlwekisa, ebe o nyehela ka bona, e le nyehelo e akgotswang.

16. “Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba ka ka ho tlala. Ke inketse bona bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.

Dipalo 8