1. Morena a bua ho Moshe, a re:
2. “Bua le Arone, o re ho yena: <Ha o hotetsa mabone, mabone ao a supileng a tla bonesa kapele ho sedulwana.> ”
3. Arone a etsa jwalo, a hotetsa mabone hore a bonese kapele ho sedulwana, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
4. Sedulwana se ne se entswe ka kgauta e thutsweng; ho tloha lenonong la sona ho isa dipaleseng tsa sona, e ne e le ntho e le nngwe, e le mosebetsi o thutsweng, ho ya ka setshwantsho seo Morena a neng a se bontshitse Moshe.
5. Morena a bua ho Moshe, a re:
6. “Ntsha Balevi kahara bana ba Iseraele, o ba hlwekise.
7. Ha o ba hlwekisa, o ba etse tjena: O ba foke ka metsi a tlhwekiso, ba ipeole mmele wohle ka lehare, ba hlatswe diaparo tsa bona, ba itlhwekise.
8. Ba nke pohwana le nyehelo ya yona ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; ebe le wena o nka pohwana e nngwe ya nyehelo e tlosang sebe.
9. O tlise Balevi kapele ho Tente ya Morena, ebe o bokanya setjhaba sohle sa bana ba Iseraele.
10. Jwale o tlise Balevi kapele ho Morena, mme bana ba Iseraele ba bee matsoho a bona hodima Balevi.
11. Arone a nyehele ka Balevi kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, e tswang ho bana ba Iseraele, hore Balevi ba tle ba sebeletse Morena.
12. “Balevi ba bee matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana, ebe wena o nyehela ka pohwana e nngwe ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe, mme e nngwe e le nyehelo ya setjheso ya ho etsetsa Balevi tefelo ya sebe.
13. O emise Balevi kapele ho Arone le bara ba hae, o nyehele ka bona ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.