4. Morena a bua ho Moshe, a re:
5. “Amohela dinyehelo tsa mahosana ana, e le hore dintho tsena di tle di sebediswe ha ho sebeletswa ka Tenteng ya Morena. O di abele Balevi, monna ka mong o mo abele ho ya ka mosebetsi wa hae.”
6. Moshe a amohela makoloi le dipholo, a di abela Balevi.
7. Makoloi a mabedi le dipholo tse nne a di abela bara ba Gereshone, ho ya ka mosebetsi wa bona.
8. Makoloi a mane le dipholo tse robedi a di abela bara ba Merari, ho ya ka mosebetsi wa bona. Ba ne ba laolwa ke Itamare, mora wa moprista Arone.
9. Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo.
10. Mahosana a tlisa nyehelo ya kgalaletso ya aletare, mohla e tlotswang, mme mahosana ao a etsa nyehelo ya wona kapele ho aletare.
11. Morena a re ho Moshe: “Kgosana e nngwe le e nngwe, e le inotshi, e etse nyehelo ya yona ya kgalaletso ya aletare ka letsatsi la yona.”
12. Kgosana e ileng ya etsa nyehelo ya yona ka letsatsi la pele ya eba Naheshone, mora wa Aminadabe, wa morabe wa Juda.
13. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.
14. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso.