1. Ka letsatsi leo Moshe a qetileng ho hloma Tente ya Morena ka lona, a e tlotsa, a e halaletsa hammoho le dijana tsohle tsa yona; le aletare, le dijana tsohle tsa yona, le tsona a di tlotsa, a di halaletsa.
2. Ha etswa nyehelo ke mahosana a Iseraele, ao e neng e le dihlooho tsa matlo a bo-ntata wona; ke wona mahosana a merabe, a neng a hlokometse ho balwa ha setjhaba.
3. Mahosana a tlisa nyehelo kapele ho Morena, e le makoloi a tsheletseng a nang le ditente, le dipholo tse leshome le metso e mmedi; koloi kanngwe e le ya mahosana a mabedi, pholo e le nngwe e le ya kgosana e le nngwe. A di tlisa kapele ho Tente ya Morena.
4. Morena a bua ho Moshe, a re:
5. “Amohela dinyehelo tsa mahosana ana, e le hore dintho tsena di tle di sebediswe ha ho sebeletswa ka Tenteng ya Morena. O di abele Balevi, monna ka mong o mo abele ho ya ka mosebetsi wa hae.”
6. Moshe a amohela makoloi le dipholo, a di abela Balevi.
7. Makoloi a mabedi le dipholo tse nne a di abela bara ba Gereshone, ho ya ka mosebetsi wa bona.
8. Makoloi a mane le dipholo tse robedi a di abela bara ba Merari, ho ya ka mosebetsi wa bona. Ba ne ba laolwa ke Itamare, mora wa moprista Arone.
9. Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo.
10. Mahosana a tlisa nyehelo ya kgalaletso ya aletare, mohla e tlotswang, mme mahosana ao a etsa nyehelo ya wona kapele ho aletare.