Dipalo 4:8-18 BIBELE (SSO89SO)

8. Hodima tsona ba ale lesela le lefubedu, mme ba kwahele ka letlalo la qibi, ebe ba kgwesa tafole mefenng ya yona.

9. “Ba nke lesela le leputswa, ba kwahele sedulwana sa lebone, le mabone a sona, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, le dijana tsohle tse tshelang ole, tseo ba sebeletsang ka tsona.

10. Ba se phuthele hammoho le dijana tsohle tsa sona ka letlalo la qibi, ba se bee hodima lempara la sona.

11. “Hodima aletare ya kgauta ba ale lesela le leputswa, mme ba e kwahele ka letlalo la qibi, ebe ba e kgwesa mefenng ya yona.

12. “Hape ba nke dijana tsohle tsa ho sebeletsa, tse ka Sehalalelong, ba di phuthele ka lesela le leputswa, le ka letlalo la qibi, ebe ba di bea hodima lempara la yona.

13. “Ha ba se ba fietse molora o hodima aletare, ba ale lesela le perese hodima yona.

14. Ba bee dijana tsohle tsa aletare hodima yona, tseo ba sebeletsang ka tsona, e leng dithotobolo, le difereko, le dikgarashwana, le dikotlolo, le dijana tsohle tsa aletare, ebe ba di kwahela ka letlalo la qibi, ba nto e kgwesa mefenng ya yona.

15. “Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.

16. “Eleasare, mora wa moprista Arone, yena o tla hlokomela ole ya lebone, le mokubetso o monko o monate, le nyehelo ya dijo, le ole e tlotsang; a hlokomele le Tente ya Morena, le tsohle tse ka ho yona. Hape a hlokomele le Sehalalelo, le thepa ya sona.”

17. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:

18. “Le hlokomele hore ba leloko la Kohate ba se ke ba fela hara Balevi.

Dipalo 4