Dipalo 4:35-49 BIBELE (SSO89SO)

35. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; ba bala e mong le e mong ya ka sebeletsang ka Tenteng ya Morena.

36. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona ya eba dikete tse pedi le makgolo a supileng le mashome a mahlano.

37. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Kohate, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe.

38. Jwale ha balwa bara ba Gereshone, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;

39. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena.

40. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona, ya eba dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng le mashome a mararo.

41. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Gereshone, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo ya Morena.

42. Yaba ho balwa ba malapa a bara ba Merari ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;

43. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena.

44. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona ya eba dikete tse tharo le makgolo a mabedi.

45. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Merari, ba badilweng ke bo-Moshe, le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe.

46. Balevi bohle ba balwa ke bo-Moshe, le Arone, le mahosana a Baiseraele le a Balevi; ba ba bala ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;

47. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba etsa mosebetsi, ba jara dintho tse ka Tenteng ya Morena.

48. Ba badilweng ya eba dikete tse robedi le makgolo a mahlano le mashome a robedi.

49. Moshe a abela e mong le e mong mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara, ho ya ka taelo ya Morena, mme ba balwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

Dipalo 4