34. Yaba bo-Moshe le Arone, le mahosana a setjhaba, ba bala bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;
35. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; ba bala e mong le e mong ya ka sebeletsang ka Tenteng ya Morena.
36. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona ya eba dikete tse pedi le makgolo a supileng le mashome a mahlano.
37. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Kohate, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe.
38. Jwale ha balwa bara ba Gereshone, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;
39. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena.
40. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona, ya eba dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng le mashome a mararo.
41. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Gereshone, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo ya Morena.
42. Yaba ho balwa ba malapa a bara ba Merari ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;