25. Ba tla jara masira a Tente ya Morena, le Tente ka boyona, le masela a e kwahetseng; hammoho le letlalo la qibi le e kwahetseng kahodimo; le lesira la monyako wa seotlwana sa Tente ya Morena;
26. le masira a seotlwana, le lesira la monyako wa seotlwana se potapotileng Tente ya Morena, le aletare, le dikgwele tsa masira ao, le dijana tsohle tse sebeletsang. Tsohle tse lokelang ho etswa ka tsona ba tla di etsa.
27. Tshebeletso ya bara ba Gereshone e tla ba tlasa taolo ya Arone le bara ba hae, e leng tsohle tseo ba tla di jara, le tsohle tseo ba tla di sebetsa. O tla abela e mong le e mong mosebetsi wa ho jara oo a tla o etsa.
28. Ona he, ke mosebetsi wa malapa a bara ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone.
29. “O tla bala bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;
30. ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.
31. Tsena ke tseo ba tla di jara, ha ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena: ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le mefeng ya yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona,
32. le ditshiya tsa seotlwana tse se potapotileng, le ditshehetso tsa tsona, le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dijana tsohle tsa tsona. O tla abela e mong le e mong dintho tsohle tseo a tla sebetsa ka tsona, mme a di jare.
33. Ona he, ke mosebetsi wohle wa malapa a bara ba Merari, ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone.”
34. Yaba bo-Moshe le Arone, le mahosana a setjhaba, ba bala bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;
35. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; ba bala e mong le e mong ya ka sebeletsang ka Tenteng ya Morena.
36. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona ya eba dikete tse pedi le makgolo a supileng le mashome a mahlano.
37. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Kohate, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe.
38. Jwale ha balwa bara ba Gereshone, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;
39. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena.
40. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona, ya eba dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng le mashome a mararo.
41. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Gereshone, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo ya Morena.
42. Yaba ho balwa ba malapa a bara ba Merari ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;
43. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena.