17. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:
18. “Le hlokomele hore ba leloko la Kohate ba se ke ba fela hara Balevi.
19. Hore ba tle ba phele, ba se ke ba eshwa, ere ha ba atamela dintho tse halalelang ka ho fetisisa le ba etse tjena: Arone le bara ba hae ba kene ka Sehalalelong, ba abele e mong le e mong wa bona mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara,
20. empa ba se ke ba kena ho sheba dintho tse halalelang leha e le ka motsotswana feela, esere ba eshwa.”
21. Morena a bua ho Moshe, a re:
22. “Bala le bara ba Gereshone ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona;
23. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a bahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.
24. “Ona ke mosebetsi wa malapa a Gereshone: ho sebeletsa le ho jara.
25. Ba tla jara masira a Tente ya Morena, le Tente ka boyona, le masela a e kwahetseng; hammoho le letlalo la qibi le e kwahetseng kahodimo; le lesira la monyako wa seotlwana sa Tente ya Morena;
26. le masira a seotlwana, le lesira la monyako wa seotlwana se potapotileng Tente ya Morena, le aletare, le dikgwele tsa masira ao, le dijana tsohle tse sebeletsang. Tsohle tse lokelang ho etswa ka tsona ba tla di etsa.
27. Tshebeletso ya bara ba Gereshone e tla ba tlasa taolo ya Arone le bara ba hae, e leng tsohle tseo ba tla di jara, le tsohle tseo ba tla di sebetsa. O tla abela e mong le e mong mosebetsi wa ho jara oo a tla o etsa.
28. Ona he, ke mosebetsi wa malapa a bara ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone.
29. “O tla bala bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;
30. ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.
31. Tsena ke tseo ba tla di jara, ha ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena: ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le mefeng ya yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona,
32. le ditshiya tsa seotlwana tse se potapotileng, le ditshehetso tsa tsona, le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dijana tsohle tsa tsona. O tla abela e mong le e mong dintho tsohle tseo a tla sebetsa ka tsona, mme a di jare.