1. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:
2. “Hara Balevi, balang bara ba Kohate kaofela, ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona;
3. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.
4. “Ona ke mosebetsi wa bara ba Kohate, ka Tenteng ya Morena; tsohle tse halalelang ka ho fetisisa di tla hlokomelwa ke bona.
5. Etlare ha ho tlohuwa mo ho neng ho hlomilwe teng, Arone le bara ba hae ba theole lesira la seotlwana, mme ka lona ba kwahele areka ya selekane.
6. Ba e kwahele le ka letlalo la qibi, ba ale lesela le leputswa kahodimo, ebe ba e kgwesa mefenng ya yona.
7. “Hodima tafole e beang bohobe bo halalelang, ba ale lesela le leputswa, mme hodima lona ba bee mafiso, le mafiswana le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Bohobe ba nyehelo bo be hodima tafole.
8. Hodima tsona ba ale lesela le lefubedu, mme ba kwahele ka letlalo la qibi, ebe ba kgwesa tafole mefenng ya yona.
9. “Ba nke lesela le leputswa, ba kwahele sedulwana sa lebone, le mabone a sona, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, le dijana tsohle tse tshelang ole, tseo ba sebeletsang ka tsona.
10. Ba se phuthele hammoho le dijana tsohle tsa sona ka letlalo la qibi, ba se bee hodima lempara la sona.
11. “Hodima aletare ya kgauta ba ale lesela le leputswa, mme ba e kwahele ka letlalo la qibi, ebe ba e kgwesa mefenng ya yona.
12. “Hape ba nke dijana tsohle tsa ho sebeletsa, tse ka Sehalalelong, ba di phuthele ka lesela le leputswa, le ka letlalo la qibi, ebe ba di bea hodima lempara la yona.
13. “Ha ba se ba fietse molora o hodima aletare, ba ale lesela le perese hodima yona.
14. Ba bee dijana tsohle tsa aletare hodima yona, tseo ba sebeletsang ka tsona, e leng dithotobolo, le difereko, le dikgarashwana, le dikotlolo, le dijana tsohle tsa aletare, ebe ba di kwahela ka letlalo la qibi, ba nto e kgwesa mefenng ya yona.
15. “Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.
16. “Eleasare, mora wa moprista Arone, yena o tla hlokomela ole ya lebone, le mokubetso o monko o monate, le nyehelo ya dijo, le ole e tlotsang; a hlokomele le Tente ya Morena, le tsohle tse ka ho yona. Hape a hlokomele le Sehalalelo, le thepa ya sona.”
17. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:
18. “Le hlokomele hore ba leloko la Kohate ba se ke ba fela hara Balevi.
19. Hore ba tle ba phele, ba se ke ba eshwa, ere ha ba atamela dintho tse halalelang ka ho fetisisa le ba etse tjena: Arone le bara ba hae ba kene ka Sehalalelong, ba abele e mong le e mong wa bona mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara,