8. Moradi e mong le e mong, eo e leng mojalefa morabeng ofe kapa ofe wa bana ba Iseraele, o tla nyalwa ke e mong wa lelapa la morabe wa ntatae, e le hore e mong le e mong wa bana ba Iseraele a nne a je lefa la bo-ntatae.
9. Kahoo lefa la bana ba Iseraele le ke ke la tloha morabeng o mong la ya ho o mong, empa morabe o mong le o mong wa bana ba Iseraele o tla kgomarela lefa la bo-ntata wona.> ”
10. Baradi ba Selofehade ba etsa kamoo Morena a laetseng Moshe kateng.
11. Bo-Mahela, le Tiresa, le Hogela, le Mileka, le Nowa, ba ile ba nyalwa ke bara ba bana ba bo-ntata bona.
12. Baradi ba Selofehade ba ile ba nyalwa malapeng a bara ba Manase, mora wa Josefa, mme lefa la bona ya nna ya eba lefa la morabe wa lelapa la ntata bona.
13. Ena ke melao le ditaelo tseo Modimo a neng a di laele bana ba Iseraele ka Moshe, ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.