Dipalo 36:10-13 BIBELE (SSO89SO)

10. Baradi ba Selofehade ba etsa kamoo Morena a laetseng Moshe kateng.

11. Bo-Mahela, le Tiresa, le Hogela, le Mileka, le Nowa, ba ile ba nyalwa ke bara ba bana ba bo-ntata bona.

12. Baradi ba Selofehade ba ile ba nyalwa malapeng a bara ba Manase, mora wa Josefa, mme lefa la bona ya nna ya eba lefa la morabe wa lelapa la ntata bona.

13. Ena ke melao le ditaelo tseo Modimo a neng a di laele bana ba Iseraele ka Moshe, ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.

Dipalo 36