1. Baholo ba malapa a bana ba Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, ba malapa a bara ba Josefa, ba atamela, ba bua ba le kapele ho Moshe, le kapele ho mahosana ao e leng baholo ba malapa a bana ba Iseraele,
2. ba re: “Morena o o laetse ho abela bana ba Iseraele naha ena ka lotho, e le lefa la bona. Morena a ba a o laela hore lefa la ngwanabo rona Selofehade, o le abele baradi ba hae.
3. Haeba baradi bana ba ka nyalwa ke ba bang ba merabe e meng ya bana ba Iseraele, lefa la bona le tla ntshwa lefeng la bo-ntata rona, le yo eketsa lefa la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo le tla ntshwa lefeng leo re le abetsweng ka lotho.
4. Ha bana ba Iseraele ba etsa mokete wa dilemo tse mashome a mahlano, lefa la bona le tla kenngwa lefeng la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo lefa la bona le tla ntshwa lefeng la morabe wa bo-ntata rona.”
5. Moshe a laela bana ba Iseraele ho ya ka taelo ya Morena, a re: “Morabe wa bara ba Josefa o buile ka nepo.
6. Sena ke seo Morena a se laetseng malebana le baradi ba Selofehade, a re: <Ba ka inyallwa ke bao ba ba ratang, empa leha ho le jwalo ba nyalwe malapeng a morabe wa ntata bona.