Dipalo 35:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. “Bonamo ba makgulo a potapotileng metse, ao o tla a abela Balevi, e be dimethara tse makgolo a mane le mashome a mahlano ho tloha marakong a motse, ho o potapota.

5. “Kathoko ho motse bolelele ba moedi e be dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka botjhabela, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka borwa, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka bophirimela, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka leboya, motse o be hare. Ana e tla ba wona makgulo a metse ena.

6. “Metse eo le tla e abela Balevi e tla ba metse e tsheletseng, eo ho tla tshabelwa ho yona, eo le e abelang ba bolaileng batho, hore ba balehele ho yona, mme kantle ho ena o tla ba abela metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.

7. Metse yohle eo o tla e abela Balevi e be mashome a mane a metso e robedi kaofela ha yona; o ba nee yona le makgulo a yona.

8. Ha e le metse ya lefa la bana ba Iseraele, eo o tla e abela Balevi, o tla nka e mengata ho ba leng bangata, o nke e mmalwana ho ba leng mmalwana. Morabe o mong le o mong o tla nea Balevi metse ya wona ho lekana lefa leo o le fumaneng.”

9. Morena a bua ho Moshe, a re:

10. “Bua ho bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha le tshela Jorodane le fihla naheng ya Kanana,

11. le tla ikgethela metse eo le tla tshabela ho yona; moo motho ya bolaileng motho e mong e se ka morero a tla tshabela teng.

12. Metse ena e tla ba setshabelo sa lona ho mophetetsi, e le hore mmolai a tle a se ke a bolawa a eso hlahiswe kapele ho setjhaba hore a ahlolwe.

13. Metse ena e tsheletseng, eo le tla e aba, e tla ba metse eo le tla tshabela ho yona.

14. Le tla fana ka metse e meraro ka kwano ho Jorodane, ebe le fana ka metse e meraro naheng ya Kanana, mme e tla ba metse eo le tla tshabela ho yona.

15. Metseng ena e tsheletseng ke moo ho tla tshabela bana ba Iseraele, le ba jakileng hara bona, le baditjhaba; ke hore e mong le e mong ya bolayang motho e se ka morero o tla tshabela teng.

16. “ <Empa haeba motho a batile motho e mong ka ntho e entsweng ka tshepe, eba motho eo o a shwa, eo ya mmatileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.

Dipalo 35