23. kapa ere a sa mmonne a mmetsa ka lejwe le ka mmolayang, ebe eo o a shwa, feela e se sera sa hae, a bile a se na morero wa ho mo ntsha kotsi,
24. phutheho e tla ahlola pakeng tsa mmolai le mophetetsi wa madi, ho ya ka melao ena.
25. Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.
26. “ <Empa haeba neng kapa neng mmolai a ka tswela kantle ho moedi wa motse oo a balehetseng ho wona,
27. eba mophetetsi wa madi a tsholotsweng o mo fumana kantle ho moedi wa motse oo a tshabetseng ho wona, mme mophetetsi eo wa madi a tsholotsweng o a mmolaya, ha a na ho ba le molato wa ho tsholla madi,
28. hobane mmolai o ne a tshwanetse ho dula motseng oo a tshabetseng ho wona ho fihlela Moprista e Moholo a eshwa. Kamora lefu la Moprista e Moholo ke hona mmolai a ka kgutlelang naheng ya habo.
29. “ <Tsena e tla ba molao wa kahlolo ho lona, le melokong ya lona, hohle moo le phelang teng.
30. “ <Ha e mong a ka bolaya motho, mmolai eo o tla bolawa ho ya ka bopaki ba dipaki, empa bopaki ba paki e le nngwe bo ke ke ba etsa hore motho a ahlolelwe lefu.
31. “ <Le se ke la amohela moputso o lopollang mmolai ya molato wa ho bolaya, hobane ruri o tshwanetse ho bolawa.
32. “ <Le se ke la amohela moputso o lopollang motho ya balehetseng motseng oo ho tshabelwang ho wona, hore a kgutlele naheng ya habo, pele Moprista e Moholo a eshwa.
33. “ <Kahoo le se ke la silafatsa naha eo le phelang ho yona, hobane madi a tshollwang a silafatsa naha. Naha e ke ke ya etsetswa tefelo ya madi a tsholletsweng ho yona, haese feela ka madi a ya tsholotseng madi ao.
34. Le se ke la silafatsa naha eo le ahileng ho yona, eo le nna ke ahileng ho yona, hobane nna, Morena, ke phela hara bana ba Iseraele.> ”