Dipalo 35:18-26 BIBELE (SSO89SO)

18. kapa haeba a mmatile ka molamu oo a o tshwereng, eba motho eo o a shwa, eo ya mmolaileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.

19. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ka boyena. Ha a kopana le yena a mmolaye.

20. “ <Haeba a kgorohela motho ka baka la lehloyo feela, kapa a mmetsa ka ho hong, a mo laletse, eba eo o a shwa;

21. kapa haeba a ka mo otla ka setebele ka baka la bora, mme eba eo o a shwa, eo ya mmolaileng ruri o tla bolawa, hobane ke mmolai. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ha a kopana le yena.

22. “ <Empa haeba a kgorohela motho e se ka morero, kapa a mmetsa ka ho hong;

23. kapa ere a sa mmonne a mmetsa ka lejwe le ka mmolayang, ebe eo o a shwa, feela e se sera sa hae, a bile a se na morero wa ho mo ntsha kotsi,

24. phutheho e tla ahlola pakeng tsa mmolai le mophetetsi wa madi, ho ya ka melao ena.

25. Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.

26. “ <Empa haeba neng kapa neng mmolai a ka tswela kantle ho moedi wa motse oo a balehetseng ho wona,

Dipalo 35