1. Morena a bua ho Moshe, ha Moshe a ne a le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, a re:
2. “Laela bana ba Iseraele hore lefeng la bona ba abele Balevi metse eo ba tla phela ho yona; le makgulo a potapotileng metse eo o a abele Balevi.
3. “Metse ena ba tla aha ho yona, mme makgulo a e potapotileng e tla ba a dikgomo tsa bona, le a maruo wohle a bona, le a diphoofolo tsohle tsa bona.