5. Bana ba Iseraele ba tloha Ramesese, ba ya hloma Sukote.
6. Ha ba tloha Sukote, ba ya hloma Ethame, e leng meeding ya lehwatata.
7. Ha ba tloha Ethame, ba kgutlela Pi-Hahirote, ka botjhabela ho Baale-Sefone, ba ya hloma pela Migedole.
8. Ha ba tloha Pi-Hahirote, ba tshela lewatle, ba ya fihla lehwatateng; ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo lehwatateng la Ethame, ba ya hloma Mara.
9. Ha ba tloha Mara, ba ya fihla Elime, moo ho neng ho ena le didiba tse leshome le metso e mmedi, le difate tsa dipalema tse mashome a supileng, mme ba hloma teng.
10. Ha ba tloha Elime, ba ya hloma pela Lewatle la Lehlaka.
11. Ha ba tloha Lewatleng la Lehlaka, ba ya hloma lehwatateng la Sine.
12. Ha ba tloha lehwatateng la Sine, ba ya hloma Dofeka.
13. Ha ba tloha Dofeka, ba ya hloma Aloshe.
14. Ha ba tloha Aloshe, ba ya hloma Refidime, moo ho neng ho se metsi ao setjhaba se neng se ka a nwa.
15. Ha ba tloha Refidime, ba ya hloma lehwatateng la Sinai.
16. Ha ba tloha lehwatateng la Sinai, ba ya hloma Mabitleng a Meharo.
17. Ha ba tloha Mabitleng a Meharo, ba ya hloma Haserote.