Dipalo 33:47-56 BIBELE (SSO89SO)

47. Ha ba tloha Alemona-Debeletaima, ba ya hloma thabeng ya Abarime, pela Nebo.

48. Ha ba tloha thabeng ya Abarime, ba ya hloma phuleng ya Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.

49. Ba ya hloma pela Jorodane, ho tloha Beke-Jeshimote, ho ya fihla Abele-Shitime, diphuleng tsa Moabe.

50. Yaba Morena o bua ho Moshe a le diphuleng tsa Moabe, pele noka ya Jorodane, mabapa le Jeriko, o re:

51. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha le tshela Jorodane, le kena naheng ya Kanana,

52. le tla leleka baahi ba naha eo kapele ho lona, le dihe difika tsa bona, le senye ditshwantsho tsa bona tse bopilweng, le fedise le dibaka tsohle tsa bona tsa borapedi.

53. Naha eo e tla ba ya lona, mme le tla aha ho yona, hobane ke le neile yona hore e be ya lona.

54. Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.

55. “ <Empa haeba le sa leleke baahi ba naha eo kapele ho lona, ho tla etsahala hore bao le ba tlohetseng ba be jwaloka metsu ka mahlong a lona, le meutlwa dikgopong tsa lona, ba le tshwenye naheng eo le ahileng ho yona.

56. Lona ke tla le etsa seo ke neng ke hopotse ho ba etsa sona.> ”

Dipalo 33