42. Ha ba tloha Salemona, ba ya hloma Punone.
43. Ha ba tloha Punone, ba ya hloma Obote.
44. Ha ba tloha Obote, ba ya hloma masuping a dithaba tsa Abarime, e naheng ya Moabe.
45. Ha ba tloha Ijime, ba ya hloma Dibone-Gade.
46. Ha ba tloha Dibone-Gade, ba ya hloma Alemona-Debeletaima.
47. Ha ba tloha Alemona-Debeletaima, ba ya hloma thabeng ya Abarime, pela Nebo.
48. Ha ba tloha thabeng ya Abarime, ba ya hloma phuleng ya Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.
49. Ba ya hloma pela Jorodane, ho tloha Beke-Jeshimote, ho ya fihla Abele-Shitime, diphuleng tsa Moabe.
50. Yaba Morena o bua ho Moshe a le diphuleng tsa Moabe, pele noka ya Jorodane, mabapa le Jeriko, o re:
51. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha le tshela Jorodane, le kena naheng ya Kanana,
52. le tla leleka baahi ba naha eo kapele ho lona, le dihe difika tsa bona, le senye ditshwantsho tsa bona tse bopilweng, le fedise le dibaka tsohle tsa bona tsa borapedi.
53. Naha eo e tla ba ya lona, mme le tla aha ho yona, hobane ke le neile yona hore e be ya lona.