Dipalo 33:40-49 BIBELE (SSO89SO)

40. Yaba Mokanana, kgosi ya Arada, ya ahileng Negebe, naheng ya Kanana, o utlwela hore bana ba Iseraele ba a tla.

41. Ha ba tloha thabeng ya Hore, ba ya hloma Salemona.

42. Ha ba tloha Salemona, ba ya hloma Punone.

43. Ha ba tloha Punone, ba ya hloma Obote.

44. Ha ba tloha Obote, ba ya hloma masuping a dithaba tsa Abarime, e naheng ya Moabe.

45. Ha ba tloha Ijime, ba ya hloma Dibone-Gade.

46. Ha ba tloha Dibone-Gade, ba ya hloma Alemona-Debeletaima.

47. Ha ba tloha Alemona-Debeletaima, ba ya hloma thabeng ya Abarime, pela Nebo.

48. Ha ba tloha thabeng ya Abarime, ba ya hloma phuleng ya Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.

49. Ba ya hloma pela Jorodane, ho tloha Beke-Jeshimote, ho ya fihla Abele-Shitime, diphuleng tsa Moabe.

Dipalo 33