3. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele, ba tloha Ramesese, ka letsatsi le hlahlamang la Paseka. Bana ba Iseraele ba tloha ka ditlatse tsa thabo, pontsheng ya Baegepeta bohle.
4. Baegepeta ba ne ba ntse ba epela matsibolo a bona, ao Morena a neng a a bolaile. Morena a ba a otla le medimo ya bona.
5. Bana ba Iseraele ba tloha Ramesese, ba ya hloma Sukote.
6. Ha ba tloha Sukote, ba ya hloma Ethame, e leng meeding ya lehwatata.
7. Ha ba tloha Ethame, ba kgutlela Pi-Hahirote, ka botjhabela ho Baale-Sefone, ba ya hloma pela Migedole.
8. Ha ba tloha Pi-Hahirote, ba tshela lewatle, ba ya fihla lehwatateng; ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo lehwatateng la Ethame, ba ya hloma Mara.
9. Ha ba tloha Mara, ba ya fihla Elime, moo ho neng ho ena le didiba tse leshome le metso e mmedi, le difate tsa dipalema tse mashome a supileng, mme ba hloma teng.
10. Ha ba tloha Elime, ba ya hloma pela Lewatle la Lehlaka.
11. Ha ba tloha Lewatleng la Lehlaka, ba ya hloma lehwatateng la Sine.
12. Ha ba tloha lehwatateng la Sine, ba ya hloma Dofeka.
13. Ha ba tloha Dofeka, ba ya hloma Aloshe.