1. Ana ke maeto a bana ba Iseraele, ha ba ne ba falla naheng ya Egepeta ka mabotho a bona, ba le tsamaisong ya Moshe le Arone.
2. Ka taelo ya Morena, Moshe a ngola mabitso a dibaka tseo ba neng ba ntse ba tloha ho tsona, ka ho latelana. Ana ke maeto ho ya ka dibaka tseo ba neng ba tloha ho tsona.
3. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele, ba tloha Ramesese, ka letsatsi le hlahlamang la Paseka. Bana ba Iseraele ba tloha ka ditlatse tsa thabo, pontsheng ya Baegepeta bohle.
4. Baegepeta ba ne ba ntse ba epela matsibolo a bona, ao Morena a neng a a bolaile. Morena a ba a otla le medimo ya bona.
5. Bana ba Iseraele ba tloha Ramesese, ba ya hloma Sukote.
6. Ha ba tloha Sukote, ba ya hloma Ethame, e leng meeding ya lehwatata.
7. Ha ba tloha Ethame, ba kgutlela Pi-Hahirote, ka botjhabela ho Baale-Sefone, ba ya hloma pela Migedole.