29. a re ho bona: “Haeba bara ba Gade le bara ba Rubene, ba ka tshela Jorodane le lona, ho ya lwana moo Morena a ntseng a ba bona, mme ka bahlabani bohle ba bona ba hlometseng, yaba le hapa naha, le tle le ba nee naha ya Gileade, e be lefa la bona.
30. Empa haeba ba sa tshele le lona ba hlometse, ba tla abelwa lefa le lona naheng ya Kanana.”
31. Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba a araba, ba re: “Re tla etsa jwalokaha Morena a laetse bahlanka ba hae.
32. Re tla tshela re hlometse, moo Morena a ntseng a bona, re ye naheng ya Kanana, mme lefa la rona le tla ba ka kwano ho Jorodane.”
33. Jwale Moshe a nea bara ba Gade le bara ba Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, mora wa Josefa, naha ya Sihone, kgosi ya Baamore; le naha ya Oge, kgosi ya Bashane; a ba nea naha le metse e potapotileng naha eo.
34. Bara ba Gade ba haha metse ya Dibone, le Atarote, le Arowere;
35. le Atarote-Shofane, le Jasere, le Jogeboha;
36. le Bete-Nimera, le Bete-Harame, e le metse ya diqhobosheane, le ya masaka a dinku.
37. Bara ba Rubene bona ba haha metse ya Heshebone, le Elale, le Kiriataime;
38. le Nebo, le Baale-Meone, le Sibema, mme ba fetola mabitso a metse eo a pele.
39. Bara ba Makiri, mora wa Manase, ba futuhela Gileade, ba e hapa, mme ba leleka Baamore ba neng ba ahile moo.
40. Moshe a nea Makiri, mora wa Manase, Gileade, mme a aha ho yona.
41. Jaire, mora wa Manase, a futuhela metsana e moo, a e hapa, mme a e rea lebitso la Metse ya Jaire.
42. Noba a futuhela Kenate le metsana e e potapotileng, mme a e hapa, a e reella ka yena, a re ke Noba.