Dipalo 32:18-28 BIBELE (SSO89SO)

18. Re ke ke ra kgutlela malapeng a rona ho fihlela bana ba Iseraele bohle ba fumana lefa la bona.

19. Rona re ke ke ra arolelana lefa le bona mose ho Jorodane, le ho ya pele, hobane lefa la rona re le fumane ka kwano, ka botjhabelo ho Jorodane.”

20. Moshe a re ho bona: “Haeba le ka etsa jwalokaha le bolela, la hlomella ntwa moo Morena a ntseng a bona,

21. mme mohlabani e mong le e mong wa lona a tshela Jorodane, moo Morena a ntseng a mmona, ho fihlela a lelekile dira tsa hae kapele ho yena,

22. naha eo e ineetse ho Morena, ebe kamorao ho moo le a kgutla, le tla hloka molato ho Morena, le ho Iseraele. Morena o tla le nea naha ena e be lefa la lona.

23. “Empa ha le sa etse jwalo, e tla ba le sitetswe Morena, mme le ke ke la phema kotlo ya sebe sa lona.

24. Hahelang bana ba lona metse, le hahe le masaka a dinku tsa lona, mme le etse seo le se tshepisitseng.”

25. Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: “Bahlanka ba hao ba tla etsa jwalokaha monga rona a re laela.

26. Bana ba rona, le basadi ba rona, le mehlape ya rona, le makgomo wohle a rona, tsena di tla sala Gileade.

27. Empa bahlanka ba hao ba tla tshelela mose, mohlabani e mong le e mong o tla hlomella ntwa moo Morena a ntseng a bona jwalokaha monga rona a boletse.”

28. Malebana le taba ya bona jwale Moshe a laela moprista Eleasare, le Joshua, mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele,

Dipalo 32