11. <Ruri, banna bohle bao ke ba nyolotseng Egepeta, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ke ke ba bona naha eo ke neng ke e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hobane ha ba a ntatela ka botshepehi.
12. Ha ho le ya mong, haese Kalebe, mora wa Jefune, wa morabe wa Bakenase, le Joshua, mora wa Nune, hobane bona ba latetse Morena ka botshepehi.>
13. “Jwale kgalefo ya Morena ya tlokomela Iseraele, mme a ba lelerisa lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ho fediswa moloko wohle o neng o etse bokgopo moo Morena a ntseng a bona.
14. Bonang, le tshwana le bo-ntata lona, le bana ba baetsadibe, le ntse le eketsa kgalefo e tshabehang ya Morena hore e tlokele Iseraele.