Dipalo 32:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Bara ba Rubene le bara ba Gade e ne e le barui ba mehlape e meholo ya dikgomo; ba lemoha hore naha ya Jarese le naha ya Gileade ke naha ya makgulo a matle a dikgomo.

2. Bara ba Gade le bara ba Rubene ba fihla ho Moshe le ho moprista Eleasare, le ho baholo ba setjhaba, ba re:

3. “Dinaha tsa Atarote, le Dibone, le Jarese, le Nimera, le Heshebone, le Elale, le Sebama, le Nebo, le Beone;

4. tseo Morena a di hapileng ha setjhaba sa Iseraele se ntse se tswela pele, ke naha ya makgulo a dikgomo, mme rona, bahlanka ba hao, re na le dikgomo.”

5. Yaba ba re: “Haeba o re hauhetse, re nee naha ena e be lefa la rona, o se ke wa re re tshele Jorodane.”

6. Yaba Moshe o re ho bara ba Gade le ho bara ba Rubene: “Bana babo lona ba ile ntweng; lona le kgotsofalla ho dula moo?

7. Le nyahamisetsang dipelo tsa bana ba Iseraele, hore ba se ke ba ya naheng eo Morena a ba neileng yona?

8. Bo-ntata lona ba ne ba etse jwalo ha ke ba roma ke le Kadeshe-Barenea, ho ya bona naha.

9. Ba ne ba nyolohe ho ya fihla Kgohlong ya Eshekole, mme ha ba bona naha eo, ba nyahamisa dipelo tsa bana ba Iseraele hore ba kene naheng eo Morena a ba neileng yona.

Dipalo 32